Malakia 3:12-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Mme ditjhaba tsohle di tla re: Le ba lehlohonolo; hobane le tla ba lefatshe le kgahlehang, ho bolela Jehova wa makgotla.

13. Mantswe a lona a ikgantsha hodima ka, ho bolela Jehova; mme le re: Re buisana ka dife hodima hao?

14. Ke ha le re: Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo! re ruang, ha re boloka seo o re laetseng sona, leha re ntse re tsamaya re apere bofifi pela Jehova wa makgotla?

15. Mme jwale he, re re: Ho lehlohonolo baikgohomosi; hobane ba etsang bolotsana ba ahiswa; ba leka Modimo, mme ba phonyoha!

Malakia 3