9. Jwale he, rapelang sefahleho sa Modimo, hore o re hauhele! Taba eo ha e entswe ke lona, na o tla le hlokomela na? Ho botsa Jehova wa makgotla.
10. Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.
11. Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.