Luka 7:10-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ba neng ba romilwe, yare ha ba kgutletse hae, ba fihlela mohlanka ya neng a kula, a se a fodile.

11. Yare ka tsatsi le hlahlamang, a etela motseng o bitswang Naine; barutuwa ba bangatanyana ba hae ba ne ba mo latela le bongata bo boholo ba batho.

12. Yare ha a atamela kgoro ya motse, ha bo ho jerwe mofu, ngwana ya nnotshi wa mmae, le hona mosadi eo e le mohlolohadi; o ne a latetswe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.

13. Eitse ha Morena a mmona, a mo utlwela bohloko, a ba a re ho yena: Se lle.

14. Mme a atamela, a ama mojaro wa mofu. Yaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho wena: Tsoha!

15. Yaba mofu o a dula, a qala ho bua; mme Jesu a mo nea mmae.

16. Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.

17. Taba eo a bolelwang ka yona ya tuma Judea yohle le naheng yohle e kamathoko.

18. Taba tseo kaofela tsa phetelwa Johanne ke barutuwa ba hae.

19. Yaba Johanne o bitsa barutuwa ba hae ba babedi, a ba romela ho Jesu, a re: Nake wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?

Luka 7