Luka 22:56-63 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

56. Jwale, lekgabunyane le leng, ha le mmona a dutse pela mollo, la mo hlaba ka mahlo, la re: Le enwa o ne a na le yena.

57. Empa a mo latola, a re: Mosadi, ha ke mo tsebe.

58. Hamoraonyana, e mong a mmona, a re: Le wena o wa bona. Empa Petrose a re: Monna towe, ha ke wa bona.

59. Ha ya motsotso o kang wa hora e le nngwe, e mong a omela, a re: Kannete le enwa o ne a na le yena; hobane ke Mogalelea.

60. Empa Petrose a re: Monna towe, ha ke tsebe seo o se bolelang. Empa hanghang, a re a sa bua, mokoko wa lla.

61. Morena a reteleha, a sheba Petrose. Mme Petrose a elellwa polelo ya Morena kamoo a neng a mmolelete kateng, a re: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.

62. Yaba Petrose o tswela ntle, a lla habohloko.

63. Banna ba tshwereng Jesu ba ne ba mo soma, mme ba mo otla.

Luka 22