7. Yaba ba mmotsa, ba re: Moruti, na tseo di tla etsahala neng, mme pontsho e tla ba efe ya hoba tseo di se di tla hlaha?
8. A re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa; hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste, nako e atametse. Empa le se ke la ba latela.
9. Mohla le utlwang dintwa le meferefere, le se ke la tshoha; hobane tseo di tshwanetse ho hlaha pele, empa le moo, bofelo bo ke ke ba hlaha kapele.
10. Jwale a re ho bona: Setjhaba se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong.
11. Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; mme matshabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tswang lehodimong.
12. Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara ka matsoho a bona, ba le hlorise, ba le hulanyetse masinagogeng le diteronkong, ba le ise pela marena le babusisi, ka baka la lebitso la ka.