Luka 2:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle.

2. Palo eo ke ya pele, ya etswa Kuirine e le mmusisi wa Siria.

3. Yaba batho bohle ba ya ho ngolwa, e mong le e mong motseng wa habo.

4. Josefa le yena a tloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida, o bitswang Bethlehema, etswe e ne e le motho wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae;

5. ba ya ho ngolwa le Maria, mosadi eo a mo lebeleditseng, e neng e le moimana.

6. Ba sa le moo, matsatsi a ho beleha ha hae a phetheha;

7. a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti.

8. Ho ne ho le badisa naheng eo, ba phelang metebong, ba lebetse mehlape ya bona bosiu.

Luka 2