Levitike 8:8-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. A ntoo mo apesa mokgajwana, mme mokgajwaneng a bea Urime le Thummime.

9. A mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng, kapele ho wona, a hloma diadema ya kgauta, e leng lebenyane le kgethehileng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

10. Moshe a ntoo nka ole ya tlolo, mme a tlotsa tente ya pokano, le dintho kaofela tse neng di le kateng, mme a di kgetha jwalo;

11. a foka hasupa ka yona aletareng, mme a tlotsa aletare le dintho tsa yona, le morifi, le sedulwana sa wona, ho di kgetha.

12. A tshollela hloohong ya Aarone ole ya tlolo, a mo tlotsa, a tle a kgethwe.

Levitike 8