Levitike 26:21-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ekare ha le ntshetakela, le hana ho nkutlwa, ke tla boela ke eketse kotlo ya dibe tsa lona hasupa.

22. Ke tla le nehella dibatana tsa naha, di tle di le hlokise bana, di senye makgomo a lona, di fokotse palo ya lona, ditsela tsa lona di be di hloke batho.

23. Ekare ha le sa bake le moo, le ntse le ntshetakela, le nna ke tla le setakela;

24. ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.

Levitike 26