19. Moprista o tla hlahisa sehlabelo sa sebe, e be pheko ya eo e ka kgonang a hlatswehe sesila sa hae; kamora moo, a hlabe nku ya setjheso.
20. Moprista o tla tlisa setjheso aletareng, le nyehelo; moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a tle a hlweke.
21. Empa ekare haele mofumanehi, mme a sitwa ho hlahisa ntho tseo, o tla nka konyana e tona e le nngwe, e be sehlabelo sa molato, mme o tla e hlahisa ka tsokotso, e be pheko ya hae; a tlise le karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo, le loge ya ole,
22. le maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, kamoo a ka ntshang kateng, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.
23. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisa ntho tseo, tseo a itlhatswang ka tsona, ho moprista, monyako wa tente ya pokano, pela Jehova.