Joshua 3:5-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Joshua a ntoo re ho setjhaba: Itlhwekiseng, hobane Jehova o tla etsa dimakatso hara lona hosasa.

6. Joshua a bolella le baprista, a re: Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele. Ebile ba jara areka ya selekane, ba etella setjhaba pele.

7. Yaba Jehova o re ho Joshua: Ke tla qala kajeno ho o hodisa pontsheng ho Baiseraele bohle, ba tle ba tsebe hobane ke tla ba le wena jwalokaha nkile ka ba le Moshe.

8. Wena, o laele baprista ba jereng areka ya selekane, o re ho bona: Etlere ha le fihla metsing a Jordane le eme Jordane.

9. Joshua a re ho bana ba Iseraele: Atamelang, le utlwe mantswe a Jehova, Modimo wa lona.

10. Joshua a re: Hoo le tla tseba ka hona hobane Modimo o utlwang o hara lona, le hobane o tla lelekisa ruri pela lona Bakanana, le Bahethe, le Baheve, le Baferese, le Bagirgashe, le Baamore, le Bajebuse;

Joshua 3