Joshua 24:19-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ebile Joshua o re ho setjhaba: Le tla sitwa ho sebeletsa Jehova, kahobane ke Modimo o halalelang, ke Modimo o boulelang, o ke keng wa le lesella ditlolo tsa lona le dibe tsa lona.

20. Ha le ka furalla Jehova, la sebeletsa medimo esele, le yena o tla le furalla, a le senye, a le timetse, leha a se a nnile a le etsa hantle.

21. Yaba setjhaba se re ho Joshua: Tjhe, re tla mpe re sebeletse Jehova.

22. Joshua a re ho setjhaba: Ho ipaketse lona hore le ikgethetse Jehova ho mo sebeletsa. Ba re: Ho ipaketse rona.

23. A re: Jwale lahlang medimo esele e ho lona, mme le sekehele Jehova, Modimo wa Iseraele, dipelo tsa lona!

24. Ebile setjhaba se re ho Joshua: Jehova, Modimo wa rona, ke yena eo re tla mo sebeletsa, re utlwe lentswe la hae.

25. Yaba Joshua o tlabola selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo Sikeme.

26. Joshua a ngola taba tseo bukeng ya molao wa Modimo, a ba a nka lejwe le leholohadi, a le emisa hona teng, tlasa eike e pela sehalalelo sa Jehova.

27. Joshua a ntoo re ho setjhaba kaofela: Bonang, lejwe lena e tla ba paki ho rona, etswe lejwe lena le utlwile ditaba tsohle tseo Jehova a re boleletseng tsona; e tla ba paki ho lona ke hona, esere mohlomong la latola Jehova, Modimo wa lona.

Joshua 24