Joshua 23:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Le se ke la kopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bolela mabitso a medimo ya tsona, le se ke la ana ka yona, le se ke la e sebeletsa, le se ke la inama pela yona.

8. Le mpe le kgomarele Jehova, Modimo wa lona, jwalokaha le entse ho fihlela kajeno.

9. Hobane Jehova o lelekile ditjhaba tse kgolo, tse matla, pela lona; mme haele lona, ha ho motho ya kileng a ema pela lona ho fihlela kajeno.

10. Monna a le mong wa lona o lelekile ba sekete se seng, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang, jwalokaha a le baletse.

11. Iponeleng hantle ke hona, mme le rate Jehova, Modimo wa lona.

12. Ha le ka kweneha, la kgomarela ditjhaba tsena tse setseng, tse siilweng hara lona, la nyallana le tsona, la kena ho tsona, mme tsa tla ho lona,

13. le tsebisise hobane Jehova, Modimo wa lona, ha a sa tla leleka ditjhaba tsena pela lona, empa e tla ba difi le maraba ho lona, le diphafa mahlakoreng a lona, le meutlwa mahlong a lona, le be le fele fatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona.

Joshua 23