Joshua 23:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova, ha e se e le kgale a kgatholotse Baiseraele direng tsa bona tse ba teetseng hare, Joshua le yena a se a tsofetse, a hodile,

2. a bitsa Baiseraele bohle, e le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona, a re ho bona: Ke tsofetse, ke hodile.

3. Le bone tsohle tseo Jehova, Modimo wa lona, a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle ka baka la lona; hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng.

Joshua 23