Joshua 21:8-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ke wona mokgwa oo bana ba Iseraele ba laoletsweng Balevi ka wona metse eo le meraka ya yona, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.

9. Ba newa lelokong la bana ba Juda le lelokong la bana ba Simeone, metse e itseng e boletsweng ka mabitso a yona.

10. Bana ba Aarone bao e leng ba matlo a Bakehathe, bana ba Levi, ha ba kile ba laolelwa pele,

11. ba newa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, dithabeng tsa Juda, le meraka ya wona e o teetseng hare; Arba e ne e le ntata Anake.

12. Empa masimo a metse le metsana ya yona ba e nea Kalebe, mora Jefunne, ho ba leruo la hae.

13. Bana ba moprista Aarone ba newa Hebrone le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai; le Libna le meraka ya wona;

14. le Jatthire le meraka ya wona, le Eshthemoa le meraka ya wona;

15. le Holone le meraka ya wona, le Debire le meraka ya wona;

Joshua 21