Joshua 18:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.

2. Empa ho ne ho setse meloko e supileng ya bana ba Iseraele e esong ho abelwe mafa a yona.

3. Ebile Joshua o re ho bana ba Iseraele; Le tla tswafa ho isa kae ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neileng lona?

Joshua 18