Johanne 8:55-59 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

55. Athe ha le mo tsebe. Nna, ke a mo tseba; ha nka re, ha ke mo tsebe, nka ba leshano jwaloka lona; empa ke a mo tseba, mme lentswe la hae ke a le boloka.

56. Abrahama, ntata lona, o nyakalletse ho bona letsatsi la ka, mme o le bone, a ba a thaba.

57. Yaba Bajuda ba re ho yena: Dilemo tsa hao ha di eso ho be mashome a mahlano, mme o re o bone Abrahama?

58. Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Abrahama ha a eso ho hlahe, ke ntse ke le teng.

59. Jwale, ba thola majwe hore ba mmetse; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a iphetela hara bona; mme a itsamaela jwalo.

Johanne 8