Johanne 4:28-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Yaba mosadi o siya nkgo ya hae, a ya motseng, a re ho batho:

29. Tloong, le bone motho ya mopleletseng tsohle tseo ke di entseng. Na e ke se be ke yena Kreste?

30. Yaba ba tswa motseng, mme ba tla ho Jesu.

31. Lekgatheng leo, barutuwa ba hae ba ne ba mo rapela, ba re: Rabbi, ako je.

32. A re ho bona: Nna ke na le sejo seo ke se jang, seo lona le sa se tsebeng.

Johanne 4