Johanne 13:12-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Yare hobane a qete ho hlatswa maoto a bona, a nka kobo ya hae, a boela a dula; mme a re ho bona: Hleka le utlwisisa seo ke le entseng sona na?

13. Le mpitsa Moruti le Morena, mme le bolela hantle, hobane ke yena.

14. Mme jwale, ekare ha nna, ke leng Morena le Moruti, ke hlatswitse maoto a lona, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.

15. Hobane ke le beetse mohlala, hore le etse jwalokaha ke le entse.

16. Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae, le lenqosa ha le leholo ho ya le romileng.

17. Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le di etsa.

18. Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae.

19. Ke le bolella taba eo e sa le jwale, e eso ho hlahe, hore mohla e hlahang, le dumele hobane ke nna.

20. Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.

21. Eitse ha Jesu a boletse taba tseo, a sisimoha moyeng, a tiisa, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka.

22. Yaba barutuwa ba tadimana, ba tsielwa hoba o lekanya mang.

23. E mong wa barutuwa ba hae, eo Jesu a mo ratang, o ne a itshetlile sefubeng sa Jesu.

24. Yaba Simone Petrose o mo nyemotsa, hore a botse hoba o bolela mang.

25. Eo, ha a ntse a itshetlehile sefubeng sa Jesu, a mmotsa, a re: Morena, ke mang?

26. Jesu a araba, a re: Ke yena eo ke tla mo nea sengwathwana, hobane ke se qopetse. Eitse hobane a se qopetse, a se nea Judase Iskariota, mora Simone.

27. Eitse hobane a nke sengwathwana, Satane a kena ho yena. Jwale, Jesu a re ho yena: Seo o se etsang, hlo o se etse kapele.

28. Empa ha ho a ka ha eba le a mong ho ba dutseng dijong, ya utlwisisang moo polelo eo e isang teng.

29. Erekaha Judase e ne e le yena ya nang le mokotlana wa ditjhelete, ba bang ba ne ba lekanya eka Jesu o mmolella, a re: O reke seo re se hlokelang mokete, leha e le se ka newang bafumanehi.

Johanne 13