Johanne 12:17-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Bongata bo nang le yena bo ne bo paka hore o bitsitse Lasaro lebitleng, mme o mo tsositse bafung.

18. Ke ka baka leo hape ba bangata ba ileng ho mo kgahlanyetsa, kahobane ba ne ba utlwile mohlolo oo o entsweng ke yena.

19. Bafarisi ba bolellana ke hona, ba re: Lemohang hobane ha le thuse letho; bonang, lefatshe lohle le mo setse morao.

Johanne 12