Jobo 41:18-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ho ethimola ha yona ho hlahisa ngata ya lesedi, mahlo a yona a jwaloka dintshi tsa mafube.

19. Dirumula di tswa molomong wa yona, le dihlase tsa mollo tse kubellang.

20. Mosi o tswa dinkong tsa yona jwaloka sesi se tswang nkgong le pitseng e belang.

21. Pudulo ya yona e tshwana le mashala a hlenneng, malakabe a tswa ditleneng tsa yona.

22. Matla a ikgaheletse molaleng wa yona, tshoho e tsamaya pela yona.

23. Mesifa ya yona e kopane hammoho, e tiile, ha e sisinyehe.

24. Pelo ya yona e thata jwaloka lejwe, jwaloka letlapa la lelwala.

25. Ha e ka tsoha, bahale ba tshoha, mme ba thethelwa ke ho tshaba.

Jobo 41