Jobo 28:6-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Majweng a lona ho tswa safire le lerole la kgauta;

7. ha ho lenong le tsebang tsela ya teng, mahlo a letlaka ha a fihle teng;

8. ha e hatwe ke dibatana tse hlaha tsa naha, tau e purumang ha e fete teng.

9. Motho o kenya letsoho la hae lefikeng le thata, o ripitla dithaba ka metsong ya tsona;

10. o betla diforo mafikeng, leihlo la hae le bona dintho tsa bohlokwa kaofela;

11. o thibela metsi a dutlang; o hlahisetsa leseding tse neng di patilwe.

12. Empa bohlale bo fumanwa kae? Kutlwisiso e dutse nqalong efe?

Jobo 28