10. Kannete, o tla le kgalemela, ha le ka ahlola ka tshobotsi sephiring sa lona.
11. Boholo ba wona bo tla le tshosa, letsoso la wona le le tshware.
12. Mantswe a eletsang a lona ke dithole feela. Qhobosheane tsa lona ke diqhobosheane tsa mobu.
13. Kgutsang, le ntese ke bue; nke ke hlahelwe ke seo nka hlahelwang ke sona.
14. Ke thusang, leha nka tshwara nama ya ka ka meno a ka, ka fuparela moya wa ka letsohong la ka?
15. Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;