11. Mme ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.
12. Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.
13. Ke tla ba qeta, ho bolela Jehova, ho tle ho hlokehe tholwana merareng, leha e le feiye difateng, mahlaku a omelle; mme seo ke ba neileng sona se tla ba phonyohela.
14. Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.
15. Re ne re ntse re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le letsatsi la phodiso, mme bonang, ho a tshabeha.