Jeremia 7:2-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Eya, o eme monyako wa ntlo ya Jehova, o howeletse lentswe lena teng, o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba kenang ka menyako ena ho tla kgumamela Jehova.

3. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bakang metsamaong ya lona le diketsong tsa lona, mme ke tla le ahisa nqalong ena.

4. Le se ke la itshepela dipolelong tseo tsa lefeela tse reng: Tempele ya Jehova, tempele ya Jehova, tempele ya Jehova ke yona eo!

Jeremia 7