Jeremia 45:2-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa hao Baruke:

3. O ipolella, o re: Ho madimabe nna, hobane Jehova o ekeleditse bohloko ba ka ka hlomoho; ke kgathetse ke ho fehelwa, ha ke bone kgatholoho.

4. O tle o mmolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Bona, seo ke se hahileng ke ya se ripitla, seo ke se hlomileng ke tla se epolla; ho tla ba jwalo le lefatshe lena kaofela.

Jeremia 45