31. Ke tla mo otla yena le lesika la hae le bahlanka ba hae ka baka la bokgopo ba bona, ke ba hlahisetse e le bona, le baahi ba Jerusalema, le ba ntlo ya Juda, bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, ba mpa ba sa ka ba utlwa.
32. Yaba Jeremia o nka maqephe a mang, a a nea Baruke, mora Neria, mongodi, mme a ngola ho wona, ka molomo wa Jeremia, mantswe wohle a lengolo leo Jojakime, morena wa Juda, a neng a le tjhesitse mollong; ha ba ha eketswa mantswe a mangata a jwaloka a pele.