Jeremia 30:22-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Mme le tla nne le be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.

23. Bonang, sefefo sa Jehova ke seo; kgalefo e tjhesang e tswetse ntle, sefefo sa setsokotsane se tla tsokotseha dihloohong tsa ba babe.

24. Bohale ba Jehova bo ke ke ba kgutla, a eso ho etse le ho phetha kgopolo ya pelo ya hae. Mehleng ya qetello, le tla ba le hlalohanyo ya teng.

Jeremia 30