Jeremia 19:4-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;

5. mme ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng ho tjhesa bana ba bona teng ka mollo, e tle e be setjheso ho Baale, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ke sa kang ka ba bolella sona, se sa kang sa itlhahela pelong ya ka;

6. ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho ya tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba bitsa nqalo ena Tofethe ka wona, leha e le kgohlo ya mora Hinnome, ba mpa ba tla e bitsa kgohlo ya polao.

7. Ke tla fedisa morero wa Juda le wa Jerusalema nqalong ena, ke ba dihe ka lerumo pela bao e leng dira ho bona, le ka letsoho la ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona ke di neele manong a lehodimo le dibatana tsa naha, di tle di jewe ke tsona.

8. Mme ke bee motse wona makatso le sesomo, e mong le e mong ya tla feta teng a tle a makale, a sisinye hlooho hodima dikotsi kaofela tsa teng.

9. Ke tla ba jesa nama ya bara ba bona le nama ya baradi ba bona; e mong o tla ja nama ya motswalle wa hae tsietsing le patisong eo ba tla patiswa ka yona ke bao e leng dira ho bona le ke ba batlang bophelo ba bona.

10. O ntoo pshatla pitsa pela mahlo a batho ba ileng le wena;

Jeremia 19