2 Timothea 3:8-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Mme jwalokaha Janese le Jambrese ba ne ba hanyetsa Moshe, bao le bona ba hanela nnete jwalo; ke batho ba dikelello tse bodileng, ba lahlilweng ka nqeng ya tumelo.

9. Empa ba ke ke ba hlola ba tswela pele; hobane bohlanya ba bona bo tla pepesetswa bohle jwaloka jwa bao.

10. Empa haele wena, o rutehile thuto ya ka ruri, le ho etsa ha ka, le phehello ya ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le sebete sa ka;

11. le dihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Listra, le dihloriso dife le dife tseo ke di mameletseng; empa Morena o ntwetse ho tsona kaofela.

12. Bohle ba ratang ho phela ka borapedi bo ho Jesu Kreste, ba tla hloriswa jwalo.

2 Timothea 3