2 Samuele 4:6-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ba kena harehare ho ntlo, eka ba batla koro, ba mo hlaba mpeng; Rekabe le Baana ngwanabo ba ntoo baleha.

7. Ba ne ba mo kenetse tlung, a robetse diphateng, phaposing ya hae ya ho robala, ba mo hlaba teng, ba mmolaya, ba mo kgaola le hlooho, mme ba nka hlooho ya hae, ba ya le tsela ya thota bosiu bohle.

8. Ba tlisetsa Davida hlooho ya Ishe-Boshethe Hebrone, ba re ho morena: Ke ena hlooho ya Ishe-Boshethe, mora Saule, eo e neng e le sera ho wena se pheheletseng ho o bolaya; kajeno lena, Jehova o pheteleditse morena, monga ka, ho Saule le ho bana ba hae.

2 Samuele 4