2 Samuele 22:5-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Maqhubu a lefu a ne a nkopetse hare, diphororo tsa tshenyo di ne di ntshositse;

6. marapo a lebitla a ne a ntikile, mamena a lefu a ne a ntshwasitse.

7. Matswalong a ka, ka bitsa ho Jehova, ka hoeletsa ho Modimo wa ka. A utlwa lentswe la ka a le sehalalelong sa hae, mme mohoweletso wa ka wa finyella ditsebeng tsa hae.

8. Teng, lefatshe la reketla, la thothomela; metheo ya mahodimo ya keqa, ya sisinyeha, kahobane a ne a halefile.

9. Ha nyoloha mosi dinkong tsa hae, le mollo o timeletsang molomong wa hae; a phutsa mashala a hlenneng.

10. A namisa lehodimo, a theoha; lefifi le letenya le ne le le tlasa maoto a hae.

11. A kalla kerubime, a fofa; a bonwa a fofa ka dipheo tsa moya;

12. a ikgurumetsa ka lefifi, a ikopa ka maqhubu a metsi le ka maru a matsho.

13. Kganyeng e mo eteletseng pele ha tswa mashala a hlenneng.

14. Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae.

15. A betsa metsu ya hae, mme a ba qhalanya ka yona; a romela mahadima, a ba qhemetsa ka wona.

16. Mangope a lewatle a hlaha; ha bonahala le metheo ya lefatshe ka baka la kgalemelo ya Jehova, le pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hae.

17. A nanabetsa letsoho a le phahameng, a ntshwara, a nkgula metsing a maholo;

18. a nnamolela ho sera sa ka se matla, le ho ba ntlhoileng ba mphetang ka matla.

19. Ba ne ba mpatetse mohla ke leng tsietsing, Jehova ya mpa ya eba seikokotlelo sa ka.

20. A nntshetsa sebakeng, a mpholosa, kahobane a ne a nthata.

21. Jehova o nkentse ka ho loka ha ka, o mpuseditse ka ho hlweka ha matsoho a ka.

22. Hobane ke bolokile ditsela tsa Jehova; ha ke a ka ka kwenehela Modimo wa ka ka bolotsana;

23. dikahlolo tsohle tsa hae tsa nna tsa eba pela ka; le melao ya hae ha ke a ka ka e furalla.

2 Samuele 22