2 Samuele 2:18-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.

19. Asaele eo a phallela Abnere, a se ke a kgelohela ho le letona, leha e le ho le letshehadi, ha a ntse a phalletse Abnere.

20. Abnere ha a hetla kamorao, a re: Na ke wena Asaele? Eo a re: Ke nna enwa.

21. Abnere a re ho yena: Kgelohela ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tshware e mong wa bahlankana, mme o inkele dibetsa tsa hae. Asaele a mpa a hana ho mo kgeloha.

22. Abnere a boela a re ho Asaele: Kgeloha, o se ke wa hlola o mphallela; o ratelang ha ke o bolaya? Ke tla tadimana jwang le ngwaneno Joabe?

23. A mpa a hana ho sokoloha. Yaba Abnere o mo hlaba mpeng, a furaladitse lerumo, lerumo la ba la ya tswela kamorao. A wa, mme a shwela hona teng. Yaba bohle ba fihlang pela moo Asaele a weleng le ho shwela teng, ba ema.

24. Leha ho le jwalo, Joabe le Abishai ba nna ba phallela Abnere; letsatsi la ba dikella ha ba fihla leralleng la Amma, le mabapa le Gia, pela tsela ya lefeella la Gibeone.

2 Samuele 2