2 Samuele 15:35-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Ha ke re, ho setse le wena baprista Tsadoke le Abiathare na? Taba tsohle tseo o tla di utlwa tlung ya morena, o ke o di phetele baprista Tsadoke le Abiathare.

36. Bona, ba na le bara ba bona ba babedi, Akimaatse mora Tsadoke, le Jonathane mora Abiathare. Le ke le nthomele ka bona taba tsohle tseo le tla di utlwa.

37. Yaba Hushai, motswalle wa Davida, o ya motseng. Mme Absalome a kena Jerusalema.

2 Samuele 15