2 Marena 10:20-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Jehu a ntoo re: Le tumise hobane mokete wa Baale o tla ba teng. Mme ba o tumisa.

21. Jehu a romela kahohle Iseraeleng, mme bohle ba sebeletsang Baale ba tla, ho se ke ha sala leha a le mong ya sa tlang. Ba kena ka tlung ya Baale, mme ntlo ya Baale ya tlala ho tloha monyako ho fihlela motsheo.

22. A re ho molebedi wa diaparo: Ntshetsa bohle ba sebeletsang Baale diaparo. A ba ntshetsa diaparo.

23. Jehu a kena le Jonadabe, mora Rekabe, ka tlung ya Baale; yaba o re ho ba sebeletsang Baale: Batlang, le bone hore ho se ke ha eba hara lona le a mong wa ba sebeletsang Jehova, e be ba sebeletsang Baale ba nnotshi.

24. Mme ba kena ho hlahisa mahlabelo le ditjheso.Yaba Jehu o kgetha banna ba mashome a robileng meno e le mmedi, a ba bea kantle, a re: Ha e mong wa lona a ka dumella leha a le mong wa banna bao ke ba beileng matsohong a lona ho tlola, bophelo ba hae bo tla ema bakeng sa bophelo ba eo.

25. Ha ba qetile ho hlahisa ditjheso, Jehu a re ho dititimi le ho matona: Kenang, le ba bolaye; ho se ke ha tswa leha a le mong. Ba ba bolaya bohle ka lerumo. Dititimi le matona ba ntoo ba lahlela kantle, mme ba kena le motseng wa ntlo ya Baale.

2 Marena 10