4. Ka baka lena, Jehova o re: O ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri. Yaba Elia o a ya.
5. Manqosa, ha a kgutla, morena a re ho wona: Le kgutletseng kapele na?
6. A re ho yena: Monna e mong o tlile, a re kgahlanyetsa, a re ho rona: Boelang ho morena ya le romileng, le re ho yena: Jehova o re: Na ke ho re, ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo o rometse ho botsa Baale-Sebube modimo wa Ekrone na? Ka baka lena, o ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.
7. A re: E be e le monna ya jwang, ya tlileng a le kgahlanyetsa, a le bolella taba tseo na?
8. Ba re ho yena: E ne e le monna ya apereng boya, ya itlamileng letheka ka leqhama la letlalo. Yena a re: Ke Elia wa Thishba.