16. A ntoo etsetsa sehalalelo meqhaka, a kgabisa le dintlha tsa ditshiya ka meqhaka, mme a etsa digaranata tse lekgolo, a di kenya ka meqhakeng.
17. A hloma ditshiya pela tempele, e nngwe ka ho le letona, e nngwe ka ho le letshehadi; a rea e leng ka ho le letona Jakine (o tla tiisa); e leng ka ho le letshehadi a e rea Boase (o na le matla).