1 Samuele 14:49-52 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

49. Haele bara ba Saule, e ne e le Jonathane, le Jishvi, le Malkishua; mabitso a baradi ba hae ba babedi ke ana: lebitso la wa matsibolo e ne e le Merabe, lebitso la e monyenyane e le Mikale.

50. Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Akinohame, moradi wa Akimaatse. Lebitso la molaodi wa makgotla a hae e ne e le Abnere, mora Nere, rangwana Saule.

51. Kishe, ntata Saule, le Nere, ntata Abnere, e ne e le bara ba Abiele.

52. Ntwa e kgolo ya nna ya eba teng ya Saule le Bafilesta ka tshiu tsohle tsa hae. Mme Saule, enere ha a bona monna ya matla, leha e le monna ya bohale, o ne a inkela yena.

1 Samuele 14