40. Yaba o re ho Baiseraele bohle: Emang, lona, ka nqa e nngwe; nna le Jonathane mora ka, re tla ema kahosele. Setjhaba sa re ho Saule: Etsa kamoo o ratang kateng.
41. Saule a re ho Jehova: Oho Modimo wa Iseraele, hlahisa nnete. Jonathane le Saule ba tshwarwa, setjhaba sona sa tswa.
42. Saule a re: Ho laolwe nna le mora ka Jonathane. Mme Jonathane a tshwarwa.
43. Yaba Saule o re ho Jonathane: Ntsebise seo o se entseng. Jonathane a mo tsebisa, a re: Ke fela ke latswitse dinotshi hanyenyane ka ntlha ya lere leo ke neng ke le tshwere; ke nna enwa, nke ke shwe!
44. Saule a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa shwele ruri, Jonathane.
45. Empa setjhaba sa re ho Saule: Hleka Jonathane a ka shwa, e le yena ya namoletseng Iseraele hakakalo na? Le ho leka! Ka Jehova ya phelang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae, hobane kajeno o sebedisane le Modimo. Kahoo, setjhaba sa pholosa Jonathane, hore a se ke a shwa.
46. Yaba Saule o kgutlela Bafilesta, mme Bafilesta ba ikela ha habo bona.
47. Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.