1 Petrose 5:3-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. e seng ka ho busa mehlape ya lona ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.

4. Mme mohla modisa e moholo a hlahang, le tla nka moqhaka wa kganya, o sa boleng.

5. Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.

6. Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.

7. Lahlelang dipelaelo tsohle tsa lona hodima wona; hobane o a le hlokomela.

1 Petrose 5