1 Petrose 2:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, le ke le lahle lonya lohle, le thetso yohle, le boiketsiso, le mohono, le diketselletso tshohle;

2. mme le lapele haholo, jwaloka bana ba tswang ho tswalwa, lebese la moya, le sa tswakwang, le tle le holele poloko ke lona;

3. ha le fela le setse le latswitse molemo wa Morena.

1 Petrose 2