1. Salomone a etsa setswalle le Faro, morena wa Egepeta; a nyala moradi wa Faro, a mo tlisa motseng wa Davida, ho fihlela a phetha ho haha ntlo ya hae, le ntlo ya Jehova, le lerako le teelang Jerusalema hare.
2. Batho ba ne ba ntse ba hlabela nqalong tse diphahameng, hobane mohlang oo, ntlo e be e eso ho hahelwe lebitso la Jehova.
3. Salomone a rata Jehova, a tsamaya ka melao ya ntatae Davida; feela, a nna a hlaba nqalong tse diphahameng, a tjhesa le dibano teng.