1 Marena 22:53-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

53. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya ntatae, le ka mehlala ya mmae, le ka mehlala ya Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele.

54. Le yena a sebeletsa Baale, a mo kgumamela, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka tsohle tseo le ntatae a neng a mo halefisitse ka tsona.

1 Marena 22