1 Marena 16:3-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. ke tla hlakola Baesha le lesika la hae, ke etse ka ntlo ya hao, jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe.

4. Mora wa Baesha ya shwelang hae o tla jewa ke dintja; ya shwelang naheng o tla jewa ke manong a lehodimo.

5. Haele taba tse ding tsa Baesha, le tseo a di entseng, le matla a hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

6. Baesha a ntoo orohela ho bontatae, a patwa Thirtsa, mme mora hae, Ela, a busa tulong tsa hae.

7. Lentswe la Jehova la tla jwalo ka moporofeta Jehu, mora Hanani, hodima Baesha le ntlo ya hae, ka baka la bobe boo a bo entseng mahlong a Jehova, kamoo a kileng a mo halefisa kateng ka mesebetsi ya matsoho a hae, a le jwaloka ba ntlo ya Jeroboame, a mo halefisitse le ka ho e timetsa.

1 Marena 16