1 Dikronike 25:8-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ba laolelwa dikabelo tsa bona ka lotho, e monyenyane le e moholo, ya rutehileng le ya rutwang.

9. Lotho ya pele ya ntsha Josefa wa Asafe; ya bobedi ya ntsha Gedalia; yena le banababo le bara ba hae ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

10. Ya boraro ya ntsha Sakkure; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

11. Ya bone ya ntsha Jitseri; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

12. Ya bohlano ya ntsha Nethania; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

13. Ya botshelela ya ntsha Bukkia; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

1 Dikronike 25