1 Bathesalonika 3:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka baka la ho hlolwa ke hlolohelo eo, re ikgethetse ho siuwa Athene re nnotshi.

2. Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;

3. ho tle ho se ke ha eba ya sisinngwang ke dihloriso tseo; athe le fela le tseba hobane re abetswe tsona.

4. Hobane esitile re sa na le lona, re nnile ra le bolella pele hore e ka kgona re hloriswe, jwalokaha ho etsahetse le hona, le jwalokaha le tseba.

1 Bathesalonika 3