1 Bakorinthe 12:4-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Dineo tsona di arohane, empa Moya o mong feela.

5. Ditshebeletso le tsona di arohane, empa Morena o mong feela.

6. Le diketso di arohane, empa Modimo o mong feela, o sebetsang tsohle ho bohle.

7. Mme ponahatso ya Moya e newa e mong le e mong, e tle e be molemo wa bohle.

8. Hobane e mong o newa ke Moya puo ya bohlale; e mong o newa puo ya tsebo ke Moya wona oo.

1 Bakorinthe 12