Hosea 5:2-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ba tswela pele ho tloleng ha bona, empa nna ke tla ba kgalemela bohle.

3. Nna ke tseba Efraime, mme Iseraele ha a patehe ho nna; hobane jwale o a feba, Efraime, mme Iseraele o a itshilafatsa.

4. Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona, hobane moya wa bofebe o hara bona, mme Jehova ha ba mo tsebe.

5. Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng; Iseraele le Efraime ba tla kgoptjwa ke makgopo a bona, ho kgoptjwe le Juda hammoho le bona.

Hosea 5