21. Yaba ba bolellana, ba re: Kannete, ra na ra sitelwa ngwanabo rona, ha re ne re bona masisapelo a hae, ra mpa ra hana ho mo utlwa, ha a ntse a re rapela; ke ka baka lena tlokotsi ena e re hlahelang.
22. Rubene a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le bolella, ka re: Se etseng sehloho ka ngwanabo lona, la mpa la hana ho utlwa? Ke mona madi a hae a latilwe.
23. Empa ba ne ba sa tsebe hobane Josefa o a ba utlwa; hobane o ne a buisana le bona ka motoloki.
24. Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.
25. Yaba Josefa o laela hore mekotla ya bona e tlatswe ka koro, le hore tjhelete ya e mong le e mong e busetswe mokotleng wa hae, mme ba newe mefaho ya tsela. Ba etsetswa jwalo.