Genese 24:24-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Yaba o re ho yena: Ke moradi wa Bethuele, mora wa Milka, eo a mo tswaletseng Nakore.

25. A ba a re ho yena: Re na le mooko, le furu e ngata ho rona, le sebaka moo ho ka robalwang teng.

26. Yaba monna eo o inama, a kgumamela Jehova,

27. a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya sa kang a hlokisa mong a ka lereko la hae le botshepehi ba hae! Haele nna, Jehova o fela a ntsamaisitse ho ntlisa tlung ya banababo mong a ka.

28. Yaba morwetsana o matha, a ya bolella ba ntlo ya mmae ditaba tseo.

29. Rebeka o ne a na le kgaitsedi, lebitso la hae e le Labane. Yaba Labane o a tswa, a mathela kantle ho monna sedibeng.

Genese 24