Genese 19:17-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.

18. Lota a re ho bona: O tjhe, monghadi! Ke o a rapela;

19. bona hle, mohlanka wa hao o fumane mohau mahlong a hao, mme lereko la hao le bile leholo leo o nthekolohetseng ka lona, wa boloka bophelo ba ka; empa nna ke sitwa ho balehela thabeng, kotsi e ka tshoha e nkwela hodimo, ka shwa.

20. Bona hle, motse wane o haufi, nke ke balehele ho wona; na ha o monyenyane na? mme moya wa ka o tla phela.

21. A re ho yena: Bona, ke tla o hauhela le tabeng ena, mme ha nka ke ka fatakanya motse ona oo o buang ka wona.

22. Phakisa o balehele teng, hobane ke sitwa ho etsa letho, o eso fihle teng. Ke ka baka leo motse oo o reilweng lebitso la Tsoware.

23. Letsatsi le ne le tjhabela lefatshe, ha Lota a kena Tsoware.

24. Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.

25. A timeletsa metse eo, lehwatata lohle, le bohle ba ahileng metseng, le tse mediswang ke mobu.

26. Empa mosadi wa Lota a tadima morao, mme a fetoha seemahale sa letswai.

27. Abrahama a tsoha e sa le hosasa, a ya nqalong moo a neng a eme teng pela sefahleho sa Jehova.

Genese 19